478530387_2671042259751882_5768666509623801166_n
  • Popular

Buka

𝗠𝗢𝗟𝗢𝗜 𝗢 𝗙𝗨𝗠𝗔𝗡𝗢𝗔 𝗟𝗔𝗣𝗘𝗡𝗚 𝗟𝗔 𝗠𝗢𝗥𝗘𝗡𝗔

…eaba ntse ba mo tlera leha sa tjapalletse fats’e ‘Malisemelo. E ka nchoati khoele e khaohile a ba ratlana hona lebaleng la moreneng. Machoba, letsoho la morena Khoele, motseng o bitsoang Ha Khoele, Bokaota bo tlaase, o re hoseng ha il’o hloela nong-e-kholo, o fumane mosali a rapaletse fats’e. O re hona ho ile hoa mo khebetla libete.

A ba qetelletse a qela ho leoto. Empa a inyatsa a ba menahana le mehlala hoba ke eena ea tlamehang ho lebela nong-e-kholo.

Ntate Machoba o re ha atamela, o elelletsoe hore motho enoa ea se nang le khoele thekeng ke mohaisane oa hae, ‘Malisemelo. O re elaba ha sa botsa, o ile a ba sa theoha mosali enoa ka oa hae o maseka. O re seboko sa ‘Malisemelo se ile sa nyenyeletsa sechaba hore ho hobe ntlo-kholo.

Sechaba le sona ha se fihla se ile sa kena ho eena.

Machoba o tsoela-pele a bonts’a hore ha se joale ‘Malisemelo a lia batho motseng mona ka methokho ea hae. O re mora bo ke le leng lehlasipha le bolaetsoeng merafong. A siea bana e le likhutsana.

Ho sa le joalo, ho boetsoe hoa fumanoa morena le eena a apere sutu ea tlhaho ka mora mokhoro oa moreneng. Ntho e makatsang pela hae ho ne ho na le pampiri e phuthelang lelana la thobalano.

Feela na ‘mali ke boloi boo kapa ke moritaoke? Baa ba babeli ba ka fumanoa ba le feela ka meso ea letsatsi le le leng?

Haeba u lakatsa ho utloa taba tsa ‘Malisemelo le morena oa hae, u ka letsa kapa oa romela molaetsa oa whatsapp nomorong ena: 57553054 oa ithekela buka e bitsoang Li Mosenekeng e ngotsoeng ke Ntsoaki Agnes Lethena e le pdf file ka M50 kapa e ts’oaroang ka letsoho ka M200.

Mafeteng,Mafeteng,Mafeteng

  • Quality
  • Price
  • Service